{"product_id":"2940154555835","title":"Thukulatshe","description":"\u003cp\u003eA short story collection by H. Scholtz, M. van Aswegen, F. Viljoen, M. Pienaar, D.N.J. Mophete, A. Khonseka\u003c\/p\u003e\u003cp\u003eNtata Kgopiso o tsamaya kae, bosiu ha bohle ba robetse? Kgopiso o mo sala morao mme o etsa tshibollo e makatsang hamorao.\u003c\/p\u003e\u003cp\u003eHa ntata Keabetswe a nwele ho tlola tekano, o lokolla lebanta la hae le sephara la sepolesa, ha bonolo mme a sasare ngwana ka lona. Keabetswe a ka etsang ha a motshaba haholo?\u003c\/p\u003e\u003cp\u003eSekola o a kgena ha tonki yabo e mo sokodisa, empa tonki ena e ntseng e le jwale ka maoba, e eba motshepuwa wa hae wa dinako tsohle ha a hlokomela hore ditaba tsa Motswalae wa morui le bophelo ba ditoropong ba fonofono, ha di mo tshware hantle.\u003c\/p\u003e\u003cp\u003eThabiso o etsa mekutu yohle ho bokelletsa tjhelete bakeng sa baesekele. Yaba ho tla hotjha ho hoholo, mme ho bonahala eka morero wa hae o a nyopa.\u003c\/p\u003e\u003cp\u003eLehlohonolo o hlokomela lephephana la ntatae-moholo la dijo, le boemelong ba koloi tsa baeti, tsatsi le le leng, mme o ithuta hore motho o lokela ho nahana pele a ka etselletsa le ho nahanela e mong hampe. Palesa ena o boetse o ithuta sekolong hore ho etsa serapana sa meroho ho bonolo. Le hore ke hobaneng ha Lerato a ile a tshoha nakong eo a neng a isetsa mosuwetsana Nthabeleng setshwantsho sa hae tafoleng, ebile a mo shebile ka mahlong.\u003c\/p\u003e\u003cp\u003ePokelletso ena ya dipale - kgutshwe, tseo diketsahalo tsa tsona di phethahallang naheng e phutholohileng, ke sengolwa se phahamisang maikutlo a batjha, mme se ba fa monyetla wa ho ithuta tsa lefatshe la bophelo leo ba bangata ba sa le tshepeng le hona ho tseba tsa lona.\u003c\/p\u003e","brand":"Via Afrika","offers":[{"title":"Default Title","offer_id":47122732056816,"sku":"2940154555835","price":2.0,"currency_code":"USD","in_stock":true}],"thumbnail_url":"\/\/cdn.shopify.com\/s\/files\/1\/0737\/7593\/9824\/files\/2940154555835_p0.jpg?v=1764070990","url":"https:\/\/shop-qa.barnesandnoble.com\/products\/2940154555835","provider":"Barnes \u0026 Noble (DEV)","version":"1.0","type":"link"}