{"product_id":"2940154557891","title":"Seyalemoya","description":"\u003cp\u003e“Seyalemoya\" ke pokello ya diteramaketsahalonngwe tse neng di ngoletswe ho haswa radiyong feela tsa ngolollwa tsa nto hlophisetswa ho balwa le ho bapalwa sebayeng. Mongodi o sebedisitse ditshwantshiso tsena ho fana ka thuto ya sengolwa se bitswang tshwantshiso ka kakaretso. Le ha thuto ena e le makeno feela mme e le kgutshwane, ntlha tsa bohlokwa tsona di hlahisitswe mme di lekane. Mongodi o tsamaile hape a ntse a botsa dipotso tseo moithuti a ka lekolang kutlwisiso ya hae ka tsona. Kaekae mongodi o fane ka dikarabo tsa dipotso tseo, mme tse ding dipotso a di tlohella moithuti hore a iketsetse tsa hae diphuputso mme a iphumanele dikarabo. Qetelong, ho fanwe ka lethathamo la mantswe ao moithuti a tla ikgopotsang ka ona seo a ithutileng sona dithutong tsa Papadi. Moithuti o lebeletswe ho fana ka ditlhaloso tsa mantswe ao. Ya kgaola ya ya!\u003c\/p\u003e","brand":"Via Afrika","offers":[{"title":"Default Title","offer_id":47111623835888,"sku":"2940154557891","price":3.39,"currency_code":"USD","in_stock":true}],"thumbnail_url":"\/\/cdn.shopify.com\/s\/files\/1\/0737\/7593\/9824\/files\/2940154557891_p0.jpg?v=1764085497","url":"https:\/\/shop-qa.barnesandnoble.com\/products\/2940154557891","provider":"Barnes \u0026 Noble (DEV)","version":"1.0","type":"link"}